ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.
Jakobo 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ngwanabo lona, kapa kgaitsedi ya lona, ba hlobotse, mme ba hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng, BIBELE Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi ya rona a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le leng le le leng, Baasraak Sotho NT Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le letsatsi, Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ngwanabo rona kapa kgaitsedi a hlobotse, mme a hloka dijo tsa letsatsi le letsatsi, |
ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.
Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.
leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,
Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.
A bua ka lebitso la Morena Jesu a sa tshabe letho, a fetolana le Bajuda ba Bagerike; empa bona ba rata ho mmolaya.
Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?
Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?