Jakobo 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela. BIBELE Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela. Baasraak Sotho NT Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha e mong hara lona a ipona eka ke modumedi, mme a sa laole leleme la hae, a ithetsa, borapedi ba motho eo ke lefeela. |
Le se ke la ba jwaloka pere le esele tse se nang kutlwisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo di thapiswang ka yona, di neng di ke ke tsa o atamela.
Molomo wa ya lokileng o hlahisa tsa bohlale, empa leleme le kgopameng le tla qhwishilwa.
Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung.
Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.
Taba ya e mobe ke ho lakatsa feela tsatsi lohle, empa ya lokileng o a fana, a sa kganane.
Le se ke la hlola le ntlisetsa mahlabelo a lefeela; dibano tsa lona ke manyala ho nna, le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le ya Disabatha, le ya dipitso tsa ho phutheha; diphutheho tsa lona tse mahlonoko tse hlokang borapedi di a nkgathatsa.
O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?
Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?
Ka baka leo, bonang kamoo le utlwang kateng; hobane ho tla newa ya setseng a ena le ntho; empa ya se nang letho o tla amohuwa le seo a lekanyang hoba o na le sona.
Hape, re ka fihlelwa re le dipaki tsa leshano tsa Modimo; hobane ekaba re paketse Modimo ka bopaki ba rona, ka ho re o tsositse Kreste, athe ekaba he ha o a ka wa mo tsosa, ha bafu ba fela ba sa tsohe.
eo le pholohang ka yona, ha le ka e boloka kamoo ke le boleletseng yona kateng, haeba le sa ka la dumela feela.
Motho a se ke a ithetsa; ekare ha e mong hara lona a itekanya hoba o bohlale lefatsheng lena, a ke a fetohe lehlanya, hore a tle a fetohe ya bohlale.
Haele ba lekanngwang hoba ke bao e leng dihlooho — leha e kile ya eba ba jwang le ba jwang mohla monene, ho nna hase letho, etswe Modimo o sa ye ka tshobotsi ya motho — ke re, ba lekanngwang hoba ke ba baholo, ha ba ka ba nkekeletsa ka letho.
Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.
Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.
leha e le taba e dihlong, leha e le ya bowatla, leha e le ya meswaso e mebe, e leng taba tse sa tshwanelang; ho mpe ho utlwahale diteboho.
Iponeleng, pelo tsa lona di se ke tsa thetswa, mme le se ke la kgeloha, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela;
Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bona matsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomo ya hae puong tsa thetso;