empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.
Jakobo 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme takatso hoba e emare, e tswala sebe; mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu. BIBELE Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu. Baasraak Sotho NT Ke moo takatso ha e emere, e tswala sebe, mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke moo takatso ha e emere, e tswala sebe, mme sebe ha se phethehile, se tswala lefu. |
empa haele sefate sa ho tseba botle le bobe, o se ke wa se ja, hobane mohla o se jang, o tla shwa.
Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.
Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.
Le emotse jwang, mme le tla beleha mooko; phefumoloho ya lona e tla hotetsa mollo, o le tjhese.
Ha ho ya pakang ho loka, ha ho ya emelang nnete; ho tshepuwa lefeela, ho bolelwa leshano; ba emola bolotsana, mme ba tswala bokgopo.
Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Iskariota, o ikela ho baprista ba baholo,
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
Empa motho e mong le e mong o ye a lekwe ke ho hohelwa le ke ho tjhatjhehiswa ke takatso eo e leng ya hae.
Ka ho rata ha hae, o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be bao e kang ke dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.