Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.
Isaia 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa lefifi le ke ke la nna la eba teng lefatsheng le leng tsietsing jwale; erekaha mehleng ya pele a swabisitse lefatshe la Sabulone le la Nefthali, mehleng ya qetello o tla tumisa naha e sikang le lewatle, le e mose wane wa Jordane, e leng Galelea wa baditjhaba. BIBELE Ha ho sa tla ba le lefifi ho ba neng ba le maswabing. Naha ya ba morabe wa Sebulone le ya ba morabe wa Nafthali e ile ya kokobetswa, empa ka nako e tlang, Morena o tla tlotla Galelea ya baditjhaba, e leng karolo e pela lewatle, e ikgohlileng ka Jorodane. |
Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.
Yaba moo Modimo wa Iseraele o susumetsang pelo ya Pule, morena wa Assiria, le pelo ya Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, mme a tlosa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa Manasse, a ba isa Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, ho fihlela kajeno.
Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.
leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.
le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.
Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.