Ha Baiseraele bohle ba bona hobane morena ha a ba mamele, setjhaba sa fetola morena, sa re: Kabelo ya rona ke efe ho Davida? le lefa ha re na lona ho mora Jese. Weleng, Baiseraele, ikeleng tenteng tsa lona! Davida, iponele ntlo ya hao! Yaba Baiseraele ba ikela tenteng tsa bona.
Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.
Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.
Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.
Yaba Jehova, Modimo wa hae, o mo neela matsohong a morena wa Siria; Basiria ba mo qhala, ba ya le batshwaruwa ba bangata, ba ba isa Damaseka. A neelwa le matsohong a morena wa Iseraele; eo a mo hlola ka polao e kgolo;
Mehleng ya Akase, mora Jothame, mora Osiase, morena wa Juda, Retsine, morena wa Siria, le Peka, mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, empa ba sitwa ho o thibella.