ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;
Enereha di tsamaya, ke ne ke utlwa modumo wa dipheo tsa tsona eka modumo wa metsi a mangata, hape eka lentswe la Ya matla wohle, e le modumo wa tlatlarietso, o kang modumo o diahelong. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona.
Tempele e kahare, le mathule a pela lebala, le bohato ba menyako, le difensetere tse kwetsweng, le dikgorwana tse sikang le ntlo hlahlamanong ya tsona se tharo, mabapa le bohato ba menyako, di ne di manehilwe ka dipolanka ka nqa tsohle, le ho tloha fatshe ho isa difensetereng; difensetere tsona di ne di kwahetswe.
Yaba o nkisa pela ntlo, ka monyako o ka nqa leboya; ha ke tadima, ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo ya Jehova, mme ka ikakgela fatshe ka sefahleho sa ka.
Ka bona Morena a eme pela aletare, mme a re: Otla hloro ya ntlo, ho be ho sisinyehe le difate tsa monyako; o di robakanye hodima dihlooho tsa bona kaofela. Ba setseng, ke tla ba bolaya ka lerumo; ho ke ke ha eba le a mong ho bona ya ka balehang, leha a le mong a ke ke a ba teng ya ka phonyohang ho bona.
Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.
Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.