hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng.
Jehova wa makgotla o nnyenyeleditse ditsebeng, a re: Tjhe, sebe sena le ke ke la se tshwarelwa, le tla be le shwe; ho itsalo Morena, Jehova wa makgotla.
Hobane motse o matla o dutse o nnotshi, ke setsha se tlohetsweng, se sebaka jwaloka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je dihlahla teng.
Ka baka leo, kahobane le hatakela e monyenyane, le nka koro ya hae ka ho mo tuba, leha le hahile matlo ka majwe a betlilweng, le ke ke la dula ho wona; leha le hlomile masimo a matle a merara, le ke ke la nwa veine ya wona.
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.