Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.
Isaia 47:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) O tla tsodiswa, dihlong tsa hao di bonahale; ke tla iphetetsa, mme nke ke ka qenehela motho. BIBELE Bofeela ba hao bo tla pepeseha, dihlong tsa hao di se ke tsa pateha. Ke tla iphetetsa, ha ke na ho qenehela motho.” |
Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.
ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.
ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.
Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.
Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.
Mme nna ke tla o honeletsa mose ho fihlela sefahlehong sa hao, ho tle ho bonwe ponopono ya hao.
Leotsang metsu, le tshware dithebe. Jehova o tsositse moya wa marena a Bamede; hobane morero wa hae o reretswe Babilona ho mo senya, hobane tefetso ya Jehova ke eo, tefetso ya tempele ya hae.
Mahlatsipa a tle a we lefatsheng la Bakalde, le ba hlabilweng ba we diterateng tsa lona.
Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.
ha ho le jwalo, bona, ke tla phutha barati bohle ba hao, bao o ba thabetseng, le bohle bao o ba ratang, hammoho le bohle bao o ba hloileng; ke tla o phuthela bona hohle, ke ba apolele bofeela ba hao, mme ba fela ba tla bona bofeela bohle ba hao.
Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla o apola, kobo ya hao ke e busetse sefahlehong sa hao, ke tle ke bontshe ditjhaba bofeela ba hao, ke bontshe le mebuso dihlong tsa hao;
Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.
Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.
Motse o moholo wa arolwa dikarolo tse tharo; metse ya ditjhaba ya heleha, mme Modimo wa hopola Babilona e moholo ho mo nwesa senwelo sa veine ya kgalefo e tukang ya wona.
Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!