Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Isaia 42:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A ke ke a howa, a ke ke a phahamisa lentswe, a ke ke a le utlwahatsa diterateng. BIBELE Ha a ka ke a howeletsa kapa a phahamisa lentswe, kapa a peroha hara diterata. |
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Ha a kgaole lehlaka le robehileng, mme a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang; o tla hlahisa ho loka nneteng.
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
Eitse ha Jesu a botswa ke bafarisi, hore mmuso wa Modimo o tla tla neng, a ba araba, a re: Mmuso wa Modimo ha o tle ka ho lemohuwa.
Mohlanka wa Morena ha a tshwanela ho lwana; empa e ka kgona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete.
enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;