La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Isaia 32:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Dipelo tsa ba potlakang di tla lokela ho utlwisisa, leleme la ya kokotletsang le bue ka hlalosetso.

Ver Capítulo

BIBELE

Ba kelello di tatang ba tla tseba, ba utlwisise, maleme a mahwelea a rarolohe, a bue hantle.

Ver Capítulo



Isaia 32:4
14 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?


molomo wa hao o be jwaloka veine e monate e phallelang ho moratuwa wa ka, e buisang melomo ya ba robetseng.


Bao meya ya bona e neng e kgeloha, ba tla ithuta bohlale; ba neng ba nganga, ba tla amohela thuto.


Ereng ho ba dipelo di tshohileng: Betang pelo, le se ke la tshaba! Bonang, Modimo wa lona o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Modimo; o tla tla, o le boloke.


Ke moo mahlo a difofu a tla tutuboloha, ditsebe tsa ba thibaneng ditsebe di bulehe.


Nakong eo, Jesu a bua, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane taba tsena o di patetse ba bohlale le ba masene, mme o di kwaholletse ba banyenyane.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


Lentswe la Modimo le ne le ntse le tswela pele; mme barutuwa ba ne ba anafala haholo Jerusalema, ha ba ha dumela le baprista ba bangata.


di ne di utlwile feela, ha ho thwe: Ya neng a re hlorisa pele, jwale o bolela tumelo eo a neng a e ripitla pele.