Isaia 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o boletse, a re: Erekaha baradi ba Sione ba ikgantsha, ba tsamaya ka melala e sataletseng, le mahlo a nyemotsang, ba nantsha maoto, ba rwarwaetsa ka mekgabo ya maoto, BIBELE Morena o re: “Basadi ba Sione ba a ikgohomosa, ba tsamaya melala ba e thamotse, ka mahlo a bona ba ntse ba bonya, ba rwanyaketsa, ba hatela haufi, maqaqailana a bona a lla masekana. |
Tswang, lona baradi ba Sione, le bone, mme le bohe morena Salomone ka moqhaka oo mmae a neng a mo rwese wona mohla lenyalo la hae, ka letsatsi la thabo ya pelo ya hae.
Moradi wa Sione o siilwe jwaloka lephephe tshimong ya merara, jwaloka motlotlwane tshimong ya mahapu, le jwaloka motse o dikeditsweng ka sera.
Naha e hlomohile, e swabile, lefatshe le tepeletse, le dutse mahlomoleng, baholo ba setjhaba sa naha ena ba tepeletse.
Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;
ka baka leo, Morena o tla hlotha mangetse a dihlooho tsa baradi ba Sione, a di etse mafatla, Jehova a apole dihlong tsa bona.
ha Morena a se a hlakotse ditshila tsa baradi ba Sione, a tlositse madi a Jerusalema teng ka moya wa kahlolo le ka moya o hlokolang.
Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.
Bolellang moradi wa Sione, le re: Bona, Morena wa hao ke eo ya tlang ho wena, a le bonolo, a kaletse esele, petsana ya esele e lemaletseng joko.
Empa Jesu a retelehela ho bona, a re ho bona: Baradi ba Jerusalema, se nteleleng, le mpe le llele lona le bara ba lona;