Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.
Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!
Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.
Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.
Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.
Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.
Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.
Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.