Isaia 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Boporofeta hodima lehwatata la lewatle: O a tla jwaloka sefefo se tsohang ka nqa borwa, o tswa lefeelleng, lefatsheng le tshabehang. BIBELE Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho. |
Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.
Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.
Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.
Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.
Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.
Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.
Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.
Eitse ha ke tadima, ka bona moya wa sefefo o tswang leboya, ho le leru le leholo le tswakaneng le mollo, le benyang ka nqa tsohle; bohareng ba lona ho le ntho e kang koporo e hlenneng, kahare ho mollo;
Yena hammoho le setjhaba sa hae, e leng setjhaba se thata hara ditjhaba, ba ya tliswa ho timetsa lefatshe; ba tla tsomola marumo a bona ho lwantsha Egepeta, ba tlatse lefatshe ka ba bolawang.
Baditjhaba, ba thata hare ditjhaba, ba e remile, ba e tlohetse hona teng; mahlomela a yona a wetse dithabeng le dikgutlong tsohle, makala a yona a robehileng a wetse melapong yohle ya lefatshe, ditjhaba tsohle tsa lefatshe di suthile moriting wa yona, di e tlohetse hona teng.
O tla nyoloha, o tle ka mokgwa wa sefefo; o tla tshwana le leru le kgurumetsang lefatshe, e le wena le makgotla wohle a hao, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.
Mehleng ya qetello, morena wa Borwa o tla thulana le yena, mme morena wa Leboya o tla boela a futuhe ho ya mo patela, ka mokoloi, le ka ba kaletsang dipere, le ka dikepe tse ngata; o tla tswela dinaheng, a rwallele, a hohoretse.
Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;