Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.
Isaia 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kena lefarung la lefika, o ipate leroleng, ka baka la botshabeho ba Jehova, le la kganya ya boholo ba hae. BIBELE Ipateng hara mafika, le ipate le madumeleng, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botlotlehi ba hae! |
Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.
ba tle ba tsebise bana ba batho diketso tsa hao tse phahameng, le boholo ba kganya ya borena ba hao.
Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?
O tla otlolla matsoho a hae teng, jwalokaha sehlapi se a otlolla ha se hlapa; empa Jehova o tla kokobetsa boikgantsho ba hae le mano a matsoho a hae.
Leha ho le jwalo, ke setjhaba se hapetsweng, se senyeditsweng, ba tlamilwe ka ditshepe mahaheng, ba hlahletswe diteronkong; ba neetswe ho hlakolwa dintho, mme ha ho mmoloki; ba hapilwe, mme ha ho motho ya reng: Busetsa!
Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.
Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.
Ho itswe ke Jehova: Ke tla bodisa bokgabane ba Juda jwalo, le bokgabane ba Iseraele bo boholoholo.
Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!
Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera.
Empa ke tla le lekanyetsa eo le tshwanetseng ho mo tshaba; tshabang eo, ereng hobane a bolaye mmele, a nang le matla a ho dihela motho diheleng. E, ke re ho lona: Eo le mo tshabe.
Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;
Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,