Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.
Isaia 18:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona. BIBELE e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka. |
Serake wa Moethiopia a ba futuhela a ena le sera sa batho ba dikete tse sekete le makoloi a makgolo a mararo, mme a fihla Maresha.
Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao.
Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka.
Mehleng eo, nyehelo e tla tlisetswa Jehova wa makgotla ke setjhaba se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona, e tla tlisetswa nqalong moo ho rapelwang Jehova wa makgotla, thabeng ya Sione.
Ke utlwile tsebiso e tswang ho Jehova, le molaetsa o rometsweng ho ditjhaba, o re: Bokanang, le mo futuhele, le tsohele ntweng.
Tsatsing leo, ho tla tloha ho nna ka dikepe manqosa, a tla ya tshosa Kushe ya iketlileng, mme ba tla kudupana ke bohloko jwaloka mohla kotlo ya Egepeta; bonang, hoo ho fela ho ya tla.
Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!
Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha, le diphepheng, le matla wohle a sera; mme ha ho letho le tla le etsa hampe.