Isaia 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Metse ya Aroere e ya tlohelwa, e fetohe metebo moo mehlape e bothang teng, ho se motho ya e tshosang. BIBELE Metse ya Arowere e tla hloka baahi, e tla fetoha metebo, mehlape e fule teng, ho se motho ya tla e tshwenya. |
Hobane motse o matla o dutse o nnotshi, ke setsha se tlohetsweng, se sebaka jwaloka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je dihlahla teng.
Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.
Mme kahobane di tla sisa haholo, ba tla ja mafi, hobane e mong le e mong ya siilweng lefatsheng leo o tla ja mafi le dinotshi.
Ema tseleng, o lebele, moahi wa Aroere; botsa ya balehang le ya phonyohang, o re: Ho hlahileng?
Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa manong a lehodimo le tsa dibatana tsa lefatshe; ha ho ka ke ha eba motho ya di tshosang.
Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;
Ba tla dula e mong le e mong katlasa feiye ya hae le katlasa morara wa hae, ho se ya ba tshosang, hobane molomo wa Jehova wa makgotla o boletse.
Ho qala ka Aroere, e lebopong la nokana ya Arnone, le motse o leng pela nokana, ho isa Gileade, ha ho a ka ha eba motse o re sitang. Jehova, Modimo wa rona, a re neela yona kaofela.
Mohlang oo, ra hapa naha eo. Naha yohle, ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho isa bohareng ba thaba ya Gileade, le metse ya teng, ka e nea Barubene le Bagade.
Moedi wa bona o ne o tloha Aroere, o lebopong la noka ya Arnone le motseng o hara sekgutlo sa yona, le sehlabeng sohle se pela Medeba;
Naha ya bona e ne e le Jaesere, le metse yohle ya Gileade, le sekoto sa naha ya bana ba Ammone, ho isa Aroere, o maloka le Rabba;