hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.
Isaia 11:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane. BIBELE Lesea le tla ipapalla pela mokoti wa masumo, ngwana a kenye letsoho mokoting wa qowane. |
hobane o tla ba le selekane le majwe a naha, dibatana tsa naha di be le kgotso le wena.
Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)
Sethole sa kgomo le sa bere di tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula jwang jwaloka kgomo.
Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.
Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.
Ba alama mahe a marabe, ba loha bolepo ba sekgo; ya jang mahe a bona o tla shwa; ekareha le leng le pshatlwa, ho tswa marabe.