Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.
Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.
Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.
Ho itima dijo hoo ke ho ratang, na hase hore o tlamolle mahlaahlela a bolotsana, o kgaole marapo a joko, o lokolle ba etseditsweng boima, o robe dijoko kaofela na?
Hobane ha ke a ka ka bolella bontata lona, ha ke a ka ka ba nea taelo bakeng sa setjheso leha e le bakeng sa sehlabelo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta.
Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.
Utlwang lentswe la Jehova, lona bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ya tsekisa baahi ba lefatshe, hobane ha ho nnete le mohau lefatsheng, mme Modimo ha o tsejwe teng.
Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.
Wena motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.
mme ho o rata ka pelo yohle, le ka kgopolo yohle, le ka moya wohle, le ka matla wohle, le ho rata wa habo motho jwaloka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo wohle.
Hobane setjhaba sohle, se neng se tswile, se ne se bolotse empa setjhaba sohle se neng se tswaletswe tseleng hara nahathothe, ha ho se ho tswilwe Egepeta, se ne se sa ka sa bolla.
Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.