Empa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae.
Hosea 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tlung ya Iseraele ke bone manyala; teng ho feba Efraime! Iseraele o a itshilafatsa! BIBELE Ke bone manyala ka tlung ya Iseraele, Efraime o etsa bootswa, o bo etsetsa hona kateng, mme Iseraele o itshilafaditse. |
Empa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae.
E ne e le ka baka la dibe tseo Jeroboame a sitilweng ka tsona, a ba a sebisa le Baiseraele ka tsona, a halefisa Jehova, Modimo wa Iseraele.
Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;
Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.
Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.
Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.
Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,
Bohloleng ba hae, a ineela batho bao kaofela ha bona e neng e le bakgethwa ho bana ba Assiria, a itshilafatsa ka bohle bao a neng a ba rata haholoholo, le ka ditshwantsho tsohle tsa bona.
Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.
Nna ke tseba Efraime, mme Iseraele ha a patehe ho nna; hobane jwale o a feba, Efraime, mme Iseraele o a itshilafatsa.