Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;
Haggai 2:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla o nka, wena Sorobabele, mora Salathiele, mohlanka wa ka, ho bolela Jehova, mme ke tla o etsa o be jwaloka lesale la ho tshwaya, hobane ke o kgethile, ho bolela Jehova wa makgotla. BIBELE “Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho. |
Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;
O mpee jwaloka tiiso pelong ya hao, jwaloka tiiso seatleng sa hao! Hobane lerato le matla jwaloka lefu, poulelo e thata jwaloka nqalo ya bafu; malakabe a lona ke malakabe a mollo, ke kgabo ya Jehova.
Bonang mohlanka wa ka eo ke mo tiisang, mokgethwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke beile moya wa ka hodima hae; o tla tlisetsa ditjhaba ho loka.
Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.
Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.
Bonang mohlanka wa ka eo ke ikgethetseng yena, moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena; ke tla bea Moya wa ka hodima hae, mme o tla bolella ditjhaba ho loka.
Se sebeletseng dijo tse felang, empa le sebeletse dijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng, tseo le tla di fuwa ke Mora motho: hobane ke yena eo Ntate, e leng Modimo, a mo tshwaileng.
Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.
Le tle ho yena, e leng lejwe le phelang, le neng le lahlilwe ke batho, athe ho Modimo ke le kgethilweng, la bohlokwa;