Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.
Haggai 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Haggai o re: Ha motho ya silafatseng ka baka la mofu a ama e nngwe ho ntho tseo, na e tla silafala na? Baprista ba araba, ba re. E tla silafala. BIBELE Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.” |
Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.
Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.