Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.
Genese 9:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kannete ke tla batla madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla ho tsohle tse phelang; ke tla batla bophelo ba motho ho motho, le ho ngwanabo motho. BIBELE Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo. |
Rubene a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le bolella, ka re: Se etseng sehloho ka ngwanabo lona, la mpa la hana ho utlwa? Ke mona madi a hae a latilwe.
Ke tla etsa jwalo hakakang ka lona, banna ba babe, ha le bolaile motho ya lokileng, tlung ya hae, a robetse diphateng tsa hae; ke tla batla madi a hae jwale matsohong a lona, ke le fedise lefatsheng!
O etse ka bohlale ba hao, o se ke wa lesela moriri wa hae o moputswa ho theohela lebitleng ka kgotso.
Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.
Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!
Empa setjhaba sa naha sa bolaya ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa naha sa bea Josiase, mora hae, e be morena tulong tsa hae.
hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.
O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.
Ya bolayang kgomo, o tla bea e nngwe sebakeng sa yona, empa ya bolayang motho, o tla bolawa.
Ha motho a otla ngwanabo ka ntho ya tshepe, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.
Ha a mo otla ka lejwe leo a le tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.
Ha a mo otla ka ntho ya lehong eo a e tshwereng ka letsoho, le ka bolayang motho, mme a eshwa, ke mmolai; mmolai a otlwe ka ho bolawa.
kapa ha a mo otla ka letsoho, ka bora, mme a eshwa, ya otlileng o tla otlwa ka ho bolawa, hobane ke mmolai; mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai, mohla a teanang le yena.
madi wohle a lokileng, a tsholletsweng lefatsheng, a tle a bokane ho lona, ho qala ka madi a Abele ya lokileng, ho tlisa mading a Sakaria, mora Barakia, eo le mmolaileng mahareng a tempele le aletare.
O entse mefuta yohle ya batho ka madi a le mang ho aha sebakeng sa lefatshe lohle; o laetse mehla e laotsweng ke wona, le meedi ya ho aha ha bona;
Empa ekare ha e mong a hloile wa habo, a mo lalla, a mo tsohela matla, mme a mmolaya a eshwa, mme a balehela ho o mong wa metse eo,
moo, baholo ba motse wa habo ba tla romela ho mo ntsha teng, ba mo neele matsohong a mophetetsi wa madi, a tle a shwe.
Modimo wa busetsa jwalo ho Abimeleke bobe boo a bo entseng ho ntatae, ha a ne a bolaile banababo ba mashome a supileng.