Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,
Genese 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa tadima lefatshe, mme wa bona hoba le bodile le hoba nama yohle e sentse mokgwa wa yona lefatsheng. BIBELE Modimo a bona hore lefatshe le bodile, batho bohle ba itshilafaditse. |
Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,
ke sa theoha ke tle ke bone hore na ba fela ba entse kamoo mohoo o fihlileng ho nna kateng; mme ha ho se jwalo, ke tla tseba.
Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.
Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.
Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.
Modimo wa re: Pontsho eo ke le fang yona ya selekane sa ka le lona, le dintho tsohle tse utlwang tseo le nang le tsona, ho isa masikeng le masikeng, ke yona ena:
O bina pela batho, o re: Ke na be ke sitilwe, ka kgopamisa ho loka; empa ha ke a ka ka otlelwa ho tlola ha ka;
mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;