A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Genese 48:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Josefa o ba tlosa mangoleng a ntatae, a inamela fatshe ka sefahleho. BIBELE Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho. |
A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
Yena a fetela pele ho bona, a inamela fatshe makgetlo a supileng, a ba a fihla ho moholwane wa hae.
Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.
Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.
Josefa a ntoo ba nka ba babedi a bea Efraime letsohong la hae le letona ho lebisana le letsoho le letshehadi la Iseraele, le Manasse letsohong la hae le letshehadi ho lebisana le letsoho le letona la Iseraele, a ba atametsa ho yena.
Jwale, Bathe-Sheba a ya ho morena Salomone, ho buella Adonija; morena a ema, a mo kgahlanyetsa, a inama pela hae, a ntoo dula teroneng ya hae, a beela mma morena setulo, a re, a dule letsohong la hae le letona.
Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.
Bara ba hae ba tsoha, mme ba mmitsa ya lehlohonolo. Monna wa hae le yena o a mo rorisa,
E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.