Sema eitse hobane a tswale Arpaksade, a phela dilemo tse makgolo a mahlano; mme a tswala bara le baradi.
Genese 47:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona. BIBELE Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.” |
Sema eitse hobane a tswale Arpaksade, a phela dilemo tse makgolo a mahlano; mme a tswala bara le baradi.
Jakobo a phela lefatsheng la Egepeta dilemo tse leshome le metso e supileng; ditshiu tsa dilemo tsa bophelo ba Jakobo ya eba dilemo tse lekgolo le mashome a mane a metso e supileng.
Ditshiu tsohle tsa Methusela ya eba dilemo tse makgolo a robileng mono o le mong a mashome a tsheletseng a metso e robileng mono o le mong; mme a shwa.
Yaba Josefa o a shwa, a na le dilemo tse lekgolo le nang le leshome, mme ba mo noka, ba mo kenya lekeseng Egepeta.
Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.
Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.
O se ke wa hlola o ntlhaba ka mahlo, ke tle ke boele ke ele, ke eso ho ikele, mme ke eba siyo!
Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)
Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona.
Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro.
Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.
Mohla Moshe a shwang, o ne a le dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mabedi; mahlo a hae a ne a eso ho fifale; mme matla a hae a ne a eso ho kokobele.
athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.
Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng.
Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;