A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!
Genese 47:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jakobo a hlohonolofatsa Faro, mme a tloha pela Faro. BIBELE Yaba Jakobo o hlohonolofatsa Faro, mme a tloha ho yena. |
A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!
Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.
Jwale, setjhaba sohle sa tshela Jordane, le yena morena a tshela, a ntoo aka Barsillai, a mo hlohonolofatsa, Barsillai a ba a ipoella ha hae.
Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo.
le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!
Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.
Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.
Yaba Joshua o a mo hlohonolofatsa, a nea Kalebe, mora Jefunne, Hebrone, ho ba lefa la hae.
Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse!