Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.
Genese 45:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o phahamisa lentswe, a lla, mme Baegepeta ba utlwa, le ba ntlo ya Faro ba utlwa. BIBELE Yaba o bokolla, hoo Baegepeta ba bileng ba utlwa, le ba lelapa la Faro ba ba ba utlwela taba eo. |
Josefa a ba tlohela, a ya lla. Yaba o boela a kgutlela ho bona, a bua le bona, a kgetha Simeone ho bona, a mo tlama pela bona.
Josefa a phakisa a tloha, hobane pelo ya hae e ne e hlomohela moenae, mme a batla moo a ka llelang teng; a kena tlung e kahare, a llela teng.
Yaba o wela molaleng wa Benjamine, moenae, a lla, mme Benjamine le yena a llela molaleng wa hae.
Yaba Josefa o bofa koloi ya hae, a ya kgahlanyetsa Iseraele, ntatae, Goshene; eitse ha a fihla ho yena, a wela molaleng wa hae, a lla halelele molaleng wa hae.
Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.
Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.
Yaba phutheho yohle e phahamisa mantswe, ya tlatsa lerata; setjhaba sa lla, bosiu ba ba ba esa.
Yaba ba tshwarwa bohle ke ho lla haholoholo; ba itihela molaleng wa Pauluse, ba mo aka.
Jehova a nee e mong le e mong wa lona kgatholoho tlung ya monna wa hae. Ebile o a ba aka, mme ba phahamisa mantswe a bona, ba lla.