Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.
Genese 44:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane ba tswe motseng, ba eso ho be hole, Josefa a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Raoha, a phallele batho bao, mme moo o ba fihlelang, o re ho bona: Ke ka baka lang ha le lefeletse botle ka bobe? BIBELE Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: ‘Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe? |
Yaba ba hahola diaparo tsa bona, mme e mong le e mong a boela a belesa esele ya hae, ba kgutlela motseng.
bona, ke bana ba tlile ho re putsa ka ho tla re leleka fatsheng la hao leo o re neileng lona, re tle re le rue.
Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?
A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.