Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
Genese 44:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Josefa a laela mohlahlobi wa ntlo ya hae, a re: Tshela mekotla ya batho bao koro, o lekanye kamoo ba ka belesang kateng; o busetse tjhelete ya e mong le e mong molomong wa mokotla wa hae. BIBELE Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae. |
Jwale Abrahama a re ho mohlanka wa hae e moholo ka tlung ya hae, ya neng a laola tsohle tseo a nang le tsona: Ako bee hle seatla sa hao katlasa serope sa ka,
Yaba Josefa o laela hore mekotla ya bona e tlatswe ka koro, le hore tjhelete ya e mong le e mong e busetswe mokotleng wa hae, mme ba newe mefaho ya tsela. Ba etsetswa jwalo.
Eitse ha ba tsholla mekotla ya bona, ba fihlela e mong le e mong a ena le seshoba sa tjhelete ya hae mokotleng wa hae. Yare ha ba bona dishoba tsa tjhelete ya bona, ba tshoha, bona le ntata bona.
Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.
Yaba Juda o bua, a re: Motho elwa o hlile o tiisitse, a re ho rona: Ha le ka ke la bona sefahleho sa ka, haese hobane ngwanabo lona a be le lona.
O kenye le senwelo sa ka, senwelo sa silefera, molomong wa mokotla wa e monyenyane, le tjhelete ya koro ya hae. A etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.
Hobane, bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o ya tlosa Jerusalema le Juda matla le kotlo yohle, kotlo yohle ya bohobe, le kotlo yohle ya metsi;