Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.
Genese 42:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele Benjamine, moena Josefa, Jakobo ha a ka a mo roma le banababo, kahobane o ne a re: Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi. BIBELE Empa Jakobo a se ke a romela Benjamine, ngwanabo Josefa, hore a theohe le bana babo, hobane a ne a re: “Mohlomong a ka tshoha a hlahelwa ke kotsi.” |
Jwale ba re: Tloong jwale, re ikgahele motse le tora, hloro ya yona e fihle lehodimong, mme re iketsetse lebitso, re tle re se ke ra qhalanyetswa lefatsheng lohle.
Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.
Empa a re: Moraka a ke se ke a tsamaya le lona; hobane moholwane wa hae o shwele, mme yena o siilwe a nnotshi; ekare ha a ka hlahelwa ke kotsi leetong leo le le tsamayang, le tla theosetsa moriri wa ka o moputswa nqalong ya bafu ka bohloko.
Modimo o matla wohle o ke o le fumanise mohau ho motho eo, a tle a le buseletse ngwanabo lona e mong le Benjamine! Haele nna, ha ke timellwa ke bana, ke mpe ke timellwe!
Yaba o lelatsa mahlo a hae, a bona Benjamine, moenae, ngwana mmae, a re: A ke yena eo ngwanabo lona e monyenyane, eo le mpoleletseng yena? A re: Modimo o o rekolohele, mora wa ka!