Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!
Genese 42:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba re ho yena: Tjhe, morena, re bahlanka ba hao ba tlileng ho reka dijo. BIBELE Ba re ho yena: “Tjhe, morena, bahlanka ba hao ba tlilo sela. |
Ditjhaba di ke di o sebeletse, merabe e iname tlasa hao! O be morena wa banabeno, mme bara ba mmao ba iname pela hao! Ho rohakwe ya o rohakang, mme ho hlohonolofatswe ya o hlohonolofatsang!
Isaaka a arabela Esau, a re: Bona, ke mo entse morena wa hao, mme ke mo neile banababo kaofela hore e be bahlanka ba hae; ke bile ke mo babaletse le ka koro le veine; mme jwale wena, nka o neang, mora wa ka?
Yaba banababo ba re ho yena: Hleka o re, o tla rena hodima rona na? kapa o tla fela o re buse na? Ba eketsa ho mo hloya ka baka la ditoro tsa hae, le ka baka la dipolelo tsa hae.
Kaofela ha rona re bara ba monna a le mong, re batho ba sebele, bahlanka ba hao, ha re dihlwela.
Ho bahlanka ba hao eo se ka fumanwang ho yena, ha a shwe; esita le rona re tla ba makgoba a morena.
Obadia ha a le tseleng, a bona Elia a mo kgahlanyeditse; a mo tseba, a inama ka sefahleho, a re: A ke wena Elia, monga ka, na?
Ebile Saule o tseba lentswe la Davida, a re: Na hase lentswe la hao, Davida, mora ka, na? Davida a re: Ke lentswe la ka, morena, monga ka.