A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng;
Genese 41:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba dikgomo tse mpe ha di tadingwa, tsa meketa, di ja kgomo tse supileng, tse ntle ho bonwa, tse nonneng. Yaba Faro o a phaphama. BIBELE Yaba dikgomo tse mpe, tse otileng, di kwenya dikgomo tse ntle, tse nonneng. Jwale Faro a phaphama. |
A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng;
a boela a bona dikgomo tse ding tsa dithole tse supileng di etswa nokeng kamora tseo, e le tse mpe ha di tadingwa, tse nama di otileng; tsa ema pela dikgomo tse ding lebopong la noka.
A boela a robala, a lora hape a bona diqwapi tse supileng tsa koro di medile lehlakeng le le leng, tse nonneng, tse ntle.
Yaba Salomone o a tsoha, a bona e le toro. A tla Jerusalema, a ema pela areka ya selekane sa Jehova, a hlabela ditjheso, a hlaba le mahlabelo a teboho, mme a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete.