Genese 41:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) A bona dikgomo tse supileng tsa dithole, tse ntle, tse nama di mafura, di etswa nokeng, di fula mohlakeng; BIBELE A bona dikgomo tsa dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng, di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. |
Yaba ho tswa nokeng kgomo tse supileng tsa dithole, tse nonneng, tse ntle ho tadingweng, mme tsa nna tsa fula mohlakeng.
a boela a bona dikgomo tse ding tsa dithole tse supileng di etswa nokeng kamora tseo, e le tse mpe ha di tadingwa, tse nama di otileng; tsa ema pela dikgomo tse ding lebopong la noka.
Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng siyo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng siyo na?
Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.
Makgulo a sikang le noka, a mabopong a noka, le masimo wohle a pela noka a tla omella, a foforehe, a fele.