Tsilla le yena a tswala Tubale-Kaine, ya neng a tea mesebetsi yohle ya koporo le ya tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.
Genese 4:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lemeke a re ho basadi ba hae: Ada le Tsilla, utlwang lentswe la ka! Basadi ba Lemeke, le mamele polelo ya ka! Hobane monna ke mmolaetse leqeba la ka, le monna e motjha letetetso la ka. BIBELE Yaba Lameke o re ho basadi ba hae: “Ada le Silla, utlwang lentswe la ka; lona basadi ba Lameke, mamelang polelo ya ka: ke bolaile motho ya mpatileng leoma, le mohlankana ya nteteditseng. |
Tsilla le yena a tswala Tubale-Kaine, ya neng a tea mesebetsi yohle ya koporo le ya tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama.
O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.
Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.
Jothame a tsebiswa hoo, a ba a ya ema qhoweng ya thaba ya Gerisime, a phahamisa lentswe la hae, a howa, a re ho bona: Nkutlweng, beng ba Sikeme, Modimo o tle o le utlwe le lona.