Lebitso la moenae e ne e le Jubale; yena e bile ntata bohle ba letsang harepa le phala.
Genese 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tsilla le yena a tswala Tubale-Kaine, ya neng a tea mesebetsi yohle ya koporo le ya tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama. BIBELE Silla yena a tswala Tubale-Kaine, eo e neng e le lelala la dintho tse entsweng ka lethose le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-Kaine e ne e le Naama. |
Lebitso la moenae e ne e le Jubale; yena e bile ntata bohle ba letsang harepa le phala.
Lemeke a re ho basadi ba hae: Ada le Tsilla, utlwang lentswe la ka! Basadi ba Lemeke, le mamele polelo ya ka! Hobane monna ke mmolaetse leqeba la ka, le monna e motjha letetetso la ka.
Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.
Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao.
lefatshe leo o tla ja bohobe ho lona, ho se tlala, mme o ke ke wa hloka letho ho lona; lefatshe leo majwe a lona e leng tshepe, mme dithabeng tsa lona o tla tjheka koporo.