Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Genese 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lemeke a nyala basadi ba babedi; lebitso la e mong e ne e le Ada, lebitso la e mong e le Tsilla. BIBELE Lameke a nyala basadi ba babedi: lebitso la e mong e ne e le Ada, la e mong e le Silla. |
Yaba Jehova Modimo o re: Ha ho molemo hoba motho a dule a nnotshi; ke tla mo etsetsa molekane ya tshwanang le yena.
Ka baka lena, monna o tla tlohela ntatae le mmae, o tla kgomarela mosadi wa hae, mme e tla ba nama e le nngwe feela.
Henoke a tswala Irade; Irade a tswala Mehujaele; Mehujaele a tswala Methusaele; Methusaele a tswala Lemeke.
Lemeke a re ho basadi ba hae: Ada le Tsilla, utlwang lentswe la ka! Basadi ba Lemeke, le mamele polelo ya ka! Hobane monna ke mmolaetse leqeba la ka, le monna e motjha letetetso la ka.
A re ho bona: Moshe o le dumeletse ho hlala basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona; empa tshimolohong, ho ne ho se jwalo.