bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
Genese 39:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna! BIBELE Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!” |
bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna.
o tle o namolelwe mosading wa letekatsi, mosading wa letekatsi, mosading wa seotswa ya qekisang ka dipolelo tsa hae,
esere mohlomong wa nea ba bang bokgabane ba hao, le dilemo tsa hao wa di senyetsa ho ya soro;
Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.
Kahoo, diphoka di kile tsa nna tsa thibelwa, pula ya hwetla ha e a ka ya eba teng. Empa phatla ya hao ke ya seotswa, ha o tsebe ho ba le dihlong.
wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.
Haele wena, bootsweng ba hao, o ne o se jwaloka basadi ba bang, kamoo o neng o sa kopuwe bootswa ba hao kateng, le kamoo o neng o nea moputso kateng, o sa kang wa o newa, wena. Ka mokgwa o jwalo, o ne o le ka hosele ho ba bang.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.
Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.
Hobane tsohle tse lefatsheng, takatso ya nama, le takatso ya mahlo, le boikgantsho jwa bophelo, ha di tswe ho Ntate, empa di tswa lefatsheng.