Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.
Genese 39:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlomong, ha a ile ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ho se le a mong wa batho ba ntlo teng ka tlung, BIBELE Ka tsatsi le leng Josefa a kena ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ka tlung eo ho ne ho se na le ya mong wa bahlanka ba lelapa leo. |
Leha a ne a bua le Josefa ka matsatsi le matsatsi, ha a ka a mo dumela hore a robale le yena, leha e le ho ba le yena.
a mo tshwara ka kobo, a re ho yena: Robala le nna! Yaba o siya kobo ya hae matsohong a hae, a baleha, a tswela ntle.
Mahlo a mofebi a lebeletse shwalane; o re: Ha ho leihlo le ka mponang; hape o ikwahela sefahleho ka lesira.
Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?
Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.
Empa haele bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le mabitso a tsona hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;