A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Genese 33:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yena a fetela pele ho bona, a inamela fatshe makgetlo a supileng, a ba a fihla ho moholwane wa hae. BIBELE Jakobo yena a fetela kapele ho bona, a itihela fatshe hasupa, ho fihlela a atamela ho ngwanabo. |
A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
A bea makgabunyane le bana ba wona kapele, mme kamora bona a bea Lea le bana ba hae, mme Ragele le Josefa a ba bea kamoraorao.
Josefa e ne e le yena ya busang naha, ya rekisang ho batho bohle ba naha; yaba banababo Josefa ba tla, ba inamela fatshe ka difahleho pela Josefa.
Eitse ha Josefa a etla ka tlung, ba mo tlisetsa tlung nyehelo eo ba nang le yona matsohong, mme ba inamela fatshe pela hae.
mora ka, o ye ho itokolla; o etse jwalo; kahobane o setse o le matleng a wa heno, eya kapele, o ithapelle ho wa heno.
Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.
Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.
Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae.
Ba neng ba kgora, ba ile ho sebeletsa dijo; mme ba neng ba lapa, ha ba sa lapa; nyopa yona e tswetse ba supileng, mme ya nang le bana ba bangata o swabile.