dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.
Genese 32:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) A di nea bahlanka ba hae, mohlape o mong le o mong wa ya ka bonngwe; mme a re ho bahlanka ba hae: Nketelleng pele, mme le bee sebaka hara mohlape o mong le o mong. BIBELE Tsena a di nea bahlanka ba hae, mohlape ka mong o tsamaya ka bowona, mme a re ho bahlanka ba hae: “Nketelleng pele, mehlape ya lona e sielane sebaka dipakeng.” |
dikamele tsa ditswetse tse mashome a mararo le dikamelana tsa tsona, dikgomo tse mashome a mane le dipoho tse leshome, diesele tse tshehadi tse mashome a mabedi le dieselana tse leshome.
A laela wa pele, a re: Etlere ha moholwane wa ka, Esau, a kgahlana le wena, mme a o botsa, a re: O wa mang? mme o ya kae? tse ka pele ho wena ke tsa mang?
le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.
Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.
Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.
A re ho bahlanka ba hae: Fetelang pele, nna ke se ke le sala morao. Empa a se ke a tsebisa monna wa hae Nabale.