ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.
Genese 32:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona. BIBELE Hape wa na wa re: ‘Ke tla o tswela molemo, ke atise ditloholo tsa hao, di be kaalo ka lehlabathe la lewatle, le ke keng la balwa ka baka la bongata.’ ” |
ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.
Manqosa a boela ho Jakobo, a re: Re ile ra fihla ho moholwane wa hao, ho Esau, mme o bile o a tla ho o kgahlanyetsa a na le batho ba makgolo a mane le yena.
Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla.
Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.
Athe palo ya bara ba Iseraele e tla ba jwaloka lehlabathe la lewatle le se nang ho lekanngwa, leha e le ho balwa, mme moo ho itsweng ho bona: Ha le setjhaba sa ka, teng ba tla bitswa: Bara ba Modimo o utlwang.
Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,
Ka baka leo, ho kile ha hlaha ka motho a le mong, ya seng a itjhweletse, bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo le lehlabathe le se nang ho balwa le lebopong la lewatle.
Ke ka baka leo Modimo, mohla o ratileng ho kgodisisa majalefa a pallo hoba morero wa wona ha o na ho fetoha, o kileng wa kenya kano;
Eo e leng matla a Iseraele ha a etse leshano, leha e le ho itatola; hobane hase motho hore a itatole.