Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.
Genese 30:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) A mo nea Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be mosadi wa hae; mme Jakobo a ya ho yena. BIBELE Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae. |
Sarai a re ho Abrame: Bona hle, Jehova o ntlhokisitse pelehi; ako kene ho lekgabunyane la ka, ekaba ke tla fuwa bana ka yena. Abrame a dumela lentswe la Sarai.
Yaba o re ho Abrahama: Lelekisa lekgabunyane leo le mora wa lona, hobane mora wa lekgabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mora ka Isaaka.
Le serethe sa hae se bitswang Reuma, le sona se mo tswaletse Thebake, le Gahame, le Tahashe, le Maaka.
Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.
Labane a nea Ragele, moradi wa hae, Bilha, lekgabunyane la hae, hore e be lefielo la hae.
A bea makgabunyane le bana ba wona kapele, mme kamora bona a bea Lea le bana ba hae, mme Ragele le Josefa a ba bea kamoraorao.
Yare Iseraele ha a sa aheletse naheng eo, Rubene a ya robala le Bilha, serethe sa ntatae; mme Iseraele a utlwa taba eo.
Ke bona bara ba Bilha, eo Labane a neng a mo neile Ragele, moradi wa hae, mme a ba tswalla Jakobo; ke batho ba supileng.
Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.