La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova Modimo a etsetsa Adama le mosadi wa hae dikobo tsa matlalo, mme a ba apesa tsona.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba Morena Modimo o etsetsa Adama le mosadi wa hae diaparo tsa matlalo, a ba apesa.

Ver Capítulo



Genese 3:21
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Adama o rea mosadi wa hae Eva, kahobane e le mma ba utlwang bohle.


Yaba Jehova Modimo o re: Bonang, motho o fetohile a be jwaloka e mong wa rona, o tseba botle le bobe; mme jwale, a se ke a isa letsoho la hae, a nka le ditholwana tsa sefate sa bophelo, a di ja, mme a phela kamehla.


Yaba mahlo a bona ba babedi a tutuboloha; ba tseba hobane ba feela; mme ba rokahanya mahlaku a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo ka wona.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


e leng ho loka ha Modimo ho bonwang ka tumelo ho Jesu Kreste, ho bang ho bohle, le hodima bohle ba dumelang; hobane ha ho hosele moo;


Mme ditho tsa mmele tseo re lekanyang hoba ha di na ho hlonephuwa, ke tsona tseo re di apesang ka hlonepho, mme ditho tsa rona tse leng mpe, ke tsona tse nang le hlompho e tlodisang.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.