A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;
Genese 3:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) le tla o medisetsa ditshehlo le meutlwa, mme o tla ja jwang ba naha. BIBELE Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha. |
A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;
O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, o be o kgutlele mobung oo o ntshitsweng ho wona; hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
teng, ho ke ho mele meutlwa bakeng sa koro, le lehola bakeng sa harese. Dipolelo tsa Jobo di fella moo.
Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.
mme bonang, ho bo ho medile bobatsi feela, dibajwa di kwahetse hohle; lerako la majwe le ne le helehile.
Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.
ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.
Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.
Naha eo e tla kenwa ka metsu le diqha, hobane naha kaofela e tla tlala dibajwa le meutlwa.
Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.
Hobane ho itswe ke Jehova ho batho ba Juda le ho ba Jerusalema: Kgathang thite ya lona, le se ke la jala meutlweng.
Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.
le tsebisise hobane Jehova, Modimo wa lona, ha a sa tla leleka ditjhaba tsena pela lona, empa e tla ba difi le maraba ho lona, le diphafa mahlakoreng a lona, le meutlwa mahlong a lona, le be le fele fatsheng lena le molemo leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona.