Bashanyana ba hola. Esau ya eba setsomi se masene, motho wa dinaha; Jakobo yena ya eba motho ya se nang mokgwa, ya dulang ditenteng.
Genese 27:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekaba ntate o tla mphopholetsa, mme ke tla ba ho yena jwaloka mothetsi, ke tlise thohako hodima ka, e seng lehlohonolo. BIBELE Mohlomong ntate o tla mphopholetsa, mme mahlong a hae ke tla bonahala ke le mothetsi, ebe ke itlisetsa thohako e seng tlhohonolofatso.” |
Bashanyana ba hola. Esau ya eba setsomi se masene, motho wa dinaha; Jakobo yena ya eba motho ya se nang mokgwa, ya dulang ditenteng.
A re: Na ha a rewa lebitso la Jakobo? Ke enwa, o nthetsitse habedi: o nkamohile boholwane ba ka, mme bona, le jwale o nkamohile lehlohonolo la ka! A eketsa a re: Na ha o a ka wa mpolokela lehlohonolo na?
mme etlare ha bohale ba moholwane wa hao bo o tlohela, mme a lebala seo o mo entseng sona, ke hona ke tla romela ho o lata. Nka timellwa jwang ke lona ba babedi ka tsatsi le le leng?
Ho rohakwe ya tla etsa mosebetsi wa Jehova ka botswa; ho rohakwe ya tlosang lerumo la hae mading.
Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.