Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,
Genese 24:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi. BIBELE A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona. |
Mme kajeno, ha ke fihla sedibeng, ka re: Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ha o ka fela wa ithatela ho atlisa tsela ya ka eo ke tsamayang ho yona,
Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.
Eitse ha Faro a utlwa taba eo, a batla Moshe hore a mmolaye. Yaba Moshe o thobela Faro, a ya ahella naheng ya Midiane; a fihla a dula pela seliba.
Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.
Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.
Moo metsi a kguwang didibeng, ba fulang ka diqha ba ke ba rorise ditshitso tsa Jehova ka mantswe a bona, ditshitso tsa molaodi wa bona Iseraeleng!
Ha ba ntse ba nyolohela motseng, ba kgahlana le barwetsana ba etswa teng ho ya kga metsi. Ba re ho bona: Ana senohe se teng hae na?