Genese 23:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abrahama o a ema, a inama ho baahi ba naha, bara ba Hethe; BIBELE Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha. |
A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
O re mamele, monghadi: O kgosana ya Modimo hara rona; pata mofu wa hao lebitleng la rona leo o tla le kgetha. Ha ho motho ho rona ya ka o hanelang le lebitla la hae, leo o ka patang mofu wa hao ho lona.
a ba bolella, a re: Ha pelo tsa lona di se di dumetse hore ke pate mofu wa ka, ke mo tlose pela ka, mmameleng, mme le nthapelle ho Efrone, mora Tsohare,
Motho ya nang le metswalle e mengata ho yena ke tshenyehelo, empa mohlomong motswalle e mong o a kgomarele motho ho fetisa ngwanabo motho.
Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.
Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;