A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Genese 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abrahama o inama pela baahi ba naha. BIBELE Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha, |
A emisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo, ba eme pela hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako wa tente ya hae, a titima, a ba kgahlanyetsa, a inamela fatshe,
Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
Tjhe, morena, ako mamele: Ke o nea tshimo, le lehaha le ho yona ke o nea lona; ke o nea tsona pontsheng ya bara ba setjhaba se heso: pata mofu wa hao.
A bua le Efrone, batho ba naha ba ntse ba mametse, a re: Hojane wa ka wa mmamela! Ke tla o nea tjhelete ya tshimo; e nke hle ho nna, mme ke tla pata mofu wa ka teng.