Yaba Abrahama o kgutlela ho bahlanka ba hae; mme ba tloha, ba ya hammoho Beerseba. Mme Abrahama a aha Beerseba.
Genese 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abrahama o re ho bahlanka ba hae: Salang mona le esele, mme nna le mohlankana re tla ya mane, re rapele, re ntoo kgutlela ho lona. BIBELE Aborahama a re ho bahlanka ba hae: “Lona salang mona le tonki. Nna le moshanyana re tla ya mose mane, re yo kgumamela Modimo, ebe re kgutlela ho lona hape.” |
Yaba Abrahama o kgutlela ho bahlanka ba hae; mme ba tloha, ba ya hammoho Beerseba. Mme Abrahama a aha Beerseba.
Abrahama a nka patsi ya setjheso, a e jarisa Isaaka, mora hae, a nka le mollo letsohong la hae le thipa; mme ba ya ba babedi hammoho.
A re ho baholo: Le re emeleng mona, re be re kgutlele ho lona. Le ka bona, Aarone le Hure ke bana, ba tla ba le lona; mang le mang ya nang le taba, a tle ho bona.
A lekanya hoba Modimo o ka tseba ho tsosa mora wa hae bafung; mme efela o boetse a mo rua ka mokgwa o kang wa tsoho.
Jwale he, le rona ha re teetswe hare ke leru le lekalo la dipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tshwasang feela, mme re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsweng,