Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.
Genese 21:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Dilemo tsa Abrahama di ne di le lekgolo mohla a tswallwang Isaaka, mora wa hae. BIBELE Ha mora wa hae Isaka a tswalwa, Aborahama o ne a ena le dilemo tse lekgolo. |
Mohla Agare a tswallang Abrame Ishmaele, dilemo tsa Abrame di ne di le mashome a robileng meno e mmedi a metso e tsheletseng.
Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;
Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?
Abrahama e ne e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, mohla a bolotswang;
Moenae a tswa kamora hae, letsoho la hae le tshwere serethe sa Esau; mme a rewa lebitso la Jakobo. Isaaka e ne e le motho ya dilemo tse mashome a tsheletseng, mohla ba tswalwang.
Ho rohakwe motho ya kileng a tsebisa ntate, a re: O tswaletswe ngwana e motona; a ba a mo thabisa haholo.
Mme kahobane a ne a sa fokole tumelong, ha a ka a bala mmele wa hae o seng o shwele (athe dilemo tsa hae di ne di batla ho ba lekgolo), leha e le ho shwa ha popelo ya Sara.